NALANE EA BOKRESTE: Karolo 1-6

Mona ke pokello ea lithuto tse ngotsoeng letlapeng la Facebook la Tseba Bibele – ke ntse ke tsoelapele ho fana ka lithuto tse ling tse latelang tsena, ‘me tokomane e ngoe e tla boela e ba teng nako e tlang!

Molimo au hlohonolofatse, ‘me ube le boithuto bo molemo haholo!

HO BOHLOKOA HO ITHUTA LITABA TSA NALANE

“Elelloa mehla ea khale, u lemohe lilemo tsa meloko e mengata; botsa ntat’ao, ’me o tla u ruta; botsa maqheku a hao, ’me a tla u bolella.” Deut.32:7

Mahareng a selemo sa 2018 likereke tsa Bokreste ho bonts’itsoe li se ka tlase ho 48, 000 ka palo lefats’eng, ‘me Mokreste ea sebelisang kelello ea hae ka nepo o lokela ho ipotsa lipotso tse latelang:

  1. Hantle kereke e ke e kenang e theuoe ka selemo se feng?
  2. Mothei oa eona ke mang?
  3. Sepheo sa hae sa ho e theha ene ele se feng?
  4. Na kahara Bibele nka fumana tlhaho ea kereke e?
  5. Jesu o nyolohetse leholimong ka 31AD a siele kereke ele ‘ngoe too ka monoana, ke tiisa joang hore eo ke e kenang ke eona hantle eo Kreste ae hlommeng lefats’eng?
  6. Tse ling likereke tsona li hlaha hokae?
  7. Haeba eaka ke re ke eona ea ‘nete ke na le bonnete bo feng hore tse ling li fosahetse?
  8. Hantle Bibele eona ereng ka likereke tse ngata hakaale lefats’eng?
  9. Bibele ere mats’oao a kereke ea ‘nete ea Molimo ke afe?

Banabeso, ha hona kereke e qhommeng lejoeng. Bomali-mabe ke hore ba bangata re kena likereke ka mabaka a latelang le amang ao ke sa a bolelang:

  1. Ke tsoaletsoe kerekeng ena – ke hlaha mahlo baholo-holo ba e kena
  2. Kaofela re rapela Molimo, ‘me ha kea lokela ho ituba ka ho etsa khetho ea likereke
  3. Ke rata baruti ba hlabollang, ba etsang mehlolo le lipholiso

Liprov. 14:15 “Sethoto se lumela litaba tsohle; EMPA EA NANG LE KELELLO O QAMAKISISA MOO A HATANG TENG.”

Latela lethathamo la lithuto tseo ke ntseng ke fana ka tsona, ‘me qetellong u tlo fumana hantle hore na ho tlile joang hore ebe rena le likereke tse ngata hakana empa re sebelisa buka ele ngoe feela – Bibele (Bala Baefese 4:4-6)

  1. MATLA A ‘MUSO OA ROMA – LIPOLAO TSA BAKRESTE: PUSONG EA SESARE NERO  A.D 67

“O ne a apesa Bakreste matlalo a liphoofolo tse hlaha, ebe moo a ba saeletsang ka lintja, ‘me li ba ranthanye ka sehloho ho fihlella ba timela. Ba bang ba ne ba apesoa “lihempe” tse nyetuoeng ka setlolo se okhang malakabe a mollo kapele (wax) – bana one a ba fanyeha ho potoloha le jarete ea hae, ‘me a ba bese horeng tsa bosiu ele ho khants’a sebaka seo a lulang ho sona ka bona…

Litlhoriso tsena li ne li aparetse tikoloho eohle e tlasa puso ea Roma; empa hona le hore li thefule moea oa Bokreste li ile tsa o phahamisa le ho feta pele. Lipolaong tsena ke moo Paulose le Petrose ba ileng ba felloa ke maphelo a bona.

Paulose a khaoloa hlooho ka sabole, ha Petrose eena a ile a thakhisoa a shebisitsoe fats’e…

Mabitso a mang a akha Erastus oa Korinthe, Aristarchus oa Masedonia, le Trophimus oa Efese ba neng ba sokollotsoe ke lithuto tsa Maopostola Paulose. Molekana ts’ebetsong le Paulose eleng Josefa ea neng a bitsoa Barsabase le Ananiase mo-bishopo oa Damaseka le bona ba ile ba timela ka sehloho…” Foxe’s Book of Martrys by John Fox, Chapter 2: The Ten Primitive Persecutions

  1. MATLA A ‘MUSO OA ROMA – LITHLORISO TSA BOBELI TSA BAKRESTE: PUSONG EA DOMITIAN A.D 81

“Hara batho ba timetseng ho bile Simeone e neng ele mo-bishopo oa Jerusalema ea ileng a thakhisoa. Moapostola Johanne eena o ile a bilisoa kahara ole, ‘me hamorao a lahleloa sehleke-hlekeng sa Patmos…

Ho ile hoa qapuoa lipale tse ngata tsa thetso nakong ea puso ea monna enoa ele hore ho tle ho timetsoe Bakreste. Thetso ene ele hore tlala, mafu a akaretsang le lits’its’inyeho tsa lefats’e tse neng li bonahala likarolong tse itseng tsa Roma li bakuoe ke Bakreste. Litlhoriso li ile tsa tota haholo hobane ba bang ka ho rata ho ruoa tsa lefats’e ba ile ba itlama ho rinya Bakreste ba neng ba sena molato ka sehloho…

Timothea eo e bileng morutuoa oa Paulose e bile ele mo-bishopo oa Efese one a le mahlahahlaha haholo bosebeletsing ba kereke ho fihlela selemo sa A.D 97.

Nakong eno bahetene ba ne ba keteka moketjana o neng o bitsoa Catagogion, ke moo Timothea ha khahlana le ketso ena a ileng a khalema le ho nyatsa ka matla bokhumameli boo ba melingoana esele. Eaba moo sechaba se inehang eena, ba mo teteka hampe, ‘me ka lebaka la matetetso le ho ruruha o ile a shoa kamora matsatsi a mabeli…” Foxe’s Book of Martrys by John Fox, Chapter 2: The Ten Primitive Persecutions

  • MATLA A ‘MUSO OA ROMA – MASHOELA-TUMELO A BOLAOA KA SEHLOHO: PUSONG EA MARCUS AURELIUS ANTONINUS A.D 162

“Bokhopo le lipolao tse ileng tsa etsahalla Bakreste nakong eno li ile tsa harola matsoalo a batho ba bangata ba neng ba shebelletse. Mashoela-tumelo a mang a ne a laeloa ho tsamaea ka maoto a maqeba holima meutloa le lipekere, ‘me ba bang ba ne ba eboloa matlalo ho fihlela ho hlaha methapo ea mali. Bohloko bo joalo ha bo so utluoe ba litlhokofatso – ‘me ba bangata ba ile ba shoa ka eona tsela eo!

Polycarp eo eneng ele mo-bishopo oa Smirna kamora hore a tsongoe sa ntja le katse, banqosi ba hae kamora ho mo fumana ba ile ba laela hore a itlame hore o latola Kreste.

Karabo ea Polycarp:

“Lilemo tse mashome a robeli le metso e ts’eletseng ha esale ke mo sebeletsa, ‘me le ka mohla ha so mphoqe; joale ke ka tsela e joang nka mo latolang ele Morena oa ka, ea mpholositseng?”

Sebakeng seo ba neng ba lokela ho mo besetsa ho sona, h’a ka a khokhotheloa ka lipekere hobane o ile a ba ts’episa hore a ke ke a ithaburanya, ke moo ba ileng ba mo hotetsa ka malakabe a mollo empa malakabe a etsa selika-likoe fela ‘meleng oa hae asa mo ame ho hang – ba ile ba lokela ho laela lesole le leng hore le mpe le mo hlabe ka lerumo. Joale mali a mangata hakaalo a ile a phorosela ho fihlella a tima malakabe ao a mollo!!!….” Foxe’s Book of Martrys by John Fox, Chapter 2: The Ten Primitive Persecutions


Nakong tsa bo-Polycarp
  1. BA REHA MATSATSI A BEKE MABITSO – ‘MUSO OA ROMA

Letsatsi la pele = SUNday: Bahetene ba ne ba khumamela molingoana oa Letsatsi (Sun) ka tsatsi (day leo

Letsatsi la bobeli = MONday: Bane ba rapela molingoana oa khoeli (Moon-god)

Letsatsi la boraro = Tuesday: Bane ba rapela “Mars” ele molingoana oa ntoa

Letsatsi la bone = Wednesday: Bane ba rapela “Mercury” ele molingoana ea masene

Letsatsi la bohlano = THUrsday: Bane ba rapela “Juve” ele molingoana oa letolo kapa lehalima

Letsatsi la bots’elela = Friday: Bane ba rapela “Venus” ele molingoana oa lerato

Letsatsi la bosupa = SATURday: Bane ba rapela “Saturn” ele molingoana oa nako

Hlokomela hore ho tloha sethathong ‘Mopi h’aka reha matsatsi a beke mabitso (Gen.1:1-31), ha ese letsatsi la bosupa leo a ileng a le fa lebitso la Sabatha ho Exoda 16:22, 23

‘Muso oa Roma e bile ‘muso o matla ka ho fitisisa lefats’eng, ‘me le kajeno re ntse re bona menyabuketso ea ona.

Ka 45BC Sesare Julius o ile a fetola almanac ea Majuda, ‘me a kenya ts’ebetsong e bitsoang Julian Calendar ho fihlela e fetoloa ka lemo sa 1582. ‘Me ka 44BC khoeli ea bosupa ea bitsoa “July” ele ho tlotla tlhaho ea eena Sesare Julius. Khoeli ea borobeli e bitsoang “August” eona ea reoa ka 8BC ele ho tlotla tlhaho ea Sesare Augusto, eleng eena ea ileng a thakhola leano la hore ho nts’uoe lekhetho (Luka 2:1)

  1. MONNA EA HLAPOLOTSENG BOKRESTE – ‘MUSONG OA ROMA

Mali a Bakreste a ile a ts’olloa ka bongata ke babusi ba Roma empa le kahara khapha-mali eo, ho setseng ele semaka ke hore tsela eo batho ba neng ba amohela Evangeli ka eona ene e hlolla – ha ho bolaoa Mokreste a le mong, hone ho phahama ba leshome sebakeng se ts’oanang!

Eitse hoba puso e oele liatleng tsa Constantine e Moholo lemong sa AD 306 – 337 maemo a ile a fetoha ka tsela e ts’osang. Monna enoa o ile a hlokomela hore tumelo ea Bokreste hase e ka felisoang ka lerumo kapa tlala, ‘me joale o ile a loha leano le pshatlakantseng metheo ea Bokreste ho fihlella le kajeno lena!

“Ha u sitoa ho hlola sera sa hau, iketse motsoalle oa sona, ‘me u tla atleha”.

Khetlo la pele nalaneng ea Bokreste BORAPELI bo kopanngoa le POLOTIKI – Morapeli enoa oa letsatsi ea neng a tsebahala ele Mohetene e moholo khabareng keha bonts’a a sokolohile, ‘me a amohetse Kreste empa ‘nete eat aba ke hore pelong ea hae ona tseba hantle hore ha ho joalo. Ke moo Bokreste bo ileng ba ananeloa ka semolao pusong ea Roma.

Uso ka inahanela hore na e bile maemo a joang ha puso ea bohetene e nanabetsa letsoho tumelong ea Bokreste! E ngoe ea ntho tsena tse peli ene e lokela ho etsahala, Bohetene bo nts’oa ka metso kapa ho hlapolloa Bokreste. Ha ho kamoo poho tse peli li ka emang sakeng le leng!

Latela thuto e hlahlamang ena – re tlo shebisisa lithuto tsa bohetene tse ileng tsa kenyoa kahara Bokreste.

Deuteronoma 32:7 “Elelloa mehla ea khale, u lemohe lilemo tsa meloko e mengata; botsa ntat’ao, ’me o tla u ruta; botsa maqheku a hao, ’me a tla u bolella.”

Sets’oants’o sa Constantine

  1. MOLAO OA PELE OA SONTAHA – ‘MUSONG OA ROMA

Constantine ka la 7 Tlhakubele, 321 AD, o ile a phatlalatsa molao oa pele oa Sontaha ‘musong oa Roma. Hopola hore monna enoa ene ele moikhakanyi ea ileng a bonts’a a sokolohetse tumelong ea Bokreste!

“Letsatsi (SUN) le ne le khumameloa haholo,’me ho nkoa ele motataisi ea matla le mosireletsi oa Constantine” Edward Gibbon, The History of the Decline and Fall of the Roman Empire, Vol.3, 237

Ke moo itseng ha kena kahara kereke a ileng a kena a khoaetse mekhoa ea hae ea Bohetene – Letsatsi la Sabatha la behelloa ka thoko, ‘me hoa phahamisoa Sontaha.

Molao oo one o baleha joana:

“Ka letsatsi (day) leo le tlotlehang la letsatsi (sun), a baahloli le batho bohle ba phelang metseng ba phomole, ‘me litsi tsohle tsa bosebeletsi li koaloe. Leha hole joalo, libakeng tse hole le teropo, batho bao eleng lihoai re ka ba lokolla ka semolao hore ba itsoelle-pele ka mosebetsi oa bona: hobane ho ka etsahala hore ka tsatsi le leng ebe maemo ha ba lumelle ho jala lijo thollo kapa ho lema lifate tsa morara…” Philip Schaff, History of the Christian Church, Vol.3, 380

“kantle ho qea-qeo, molao oa pele oo re ka reng ene ele oa borapeli kapa oa ‘muso moo ho ileng hoa hlohonolofatsoa letsatsi la phomolo e bile o hlomamisitsoeng ke Constantine ka 321 AD” Chamber’s Encyclopedia, Vol.11, 401

TLHOKOMELISO!!!

“Sontaha [SUN-day] ke lebitso le tsoang ho Bahetene le fuoeng letsatsi la pele la beke, hobane ene ele letsatsi [Day] leo ho rapeloang LETSATSI [SUN] ka lona.” John Eadie, D.D. LL.D. A Bible Cyclopedia p. 561

LATELA LITHUTO TSE LING TSE TLANG – MORENA AU HLOHONOLOFATSE HAHOLO

Blog: http://www.tsebabibele.wordpress.com | Twitter: @TsebaBibele | Facebook: Tseba Bibele  | Cell: (+266) 5990 0806 | Website: http://www.gladtidings.co.ls

Leave a comment