NALANE EA BOKRESTE: Karolo 7-12

Sheba karolo e fitileng

7. BORAPELI BA ‘M’A LE LESEA – ‘MUSONG OA ROMA

Ha se letsatsi la Sontaha feela le kentsoeng ho hlapolla Bokreste ba ‘nete nakong ea puso ea Roma, empa le lits’oants’o tsa bahetene li ile tsa kenyoa kahara kereke li se li apesitsoe mabitso a batho ba hlahang Bibeleng!

“Borapeli ba mosali le mor’a hae bo ne bo tumme haholo Babilona, kamehla hone ho sebelisoa lits’oants’o tsa lesea le anyesoang le le sefubeng sa ‘m’a. Ho tloha Babilona, borapeli bona ba ‘m’a le lesea bo ila ba pharalla ho isa li pheletsong tsa lefats’e.” The Two Babylons by Alexendra Hislop, 16

MABITSO A MOSALI LE MORA

Babilona: Semiramis le Tammuz

Egepeta: Isis le Horus

India: Isi le Iswara

Asia: Cybele le Deoius

Roma: Fortuna le Jupiter

Greece: Ceres le Plutus

China le Japane bane ba khumamela Mosali ea Halalelang tlasa lebitso la “Shing Moo”. Bala Babylon Mystery Religion (1981 Edition) ka Ralph Woodrow

Ele ho foufatsa Bakreste ho ile hoa nkoa mabitso a Maria le Jesu ka Bibeleng – a fuoa lits’oants’o tsa Bahetene tse ts’oanang hantle, ‘me tsa qalelloa ho khumameloa!

TLHOKOMELISO

U ka bala Bibele ho tloha ho Genese ho isa ho Ts’enolo ha hona moo Bakreste ba lokelang ho sebelisa lits’oants’o ho khumamela Molimo, ho feta mona re fumana Bibele e nyatsa e bile e khalemela ka matla liketso tseo tse khohlahetseng. Bala Exoda 20:4-6; Pesaleme 115:4-8; Esaia 44:9-20

8. MEKETJANA EA BAHETENE E KENA KA KEREKENG – ‘MUSONG OA ROMA

Re re bone thutong e fitileng hore melingoana e ‘meli ea Bahetene eleng (1) Semiramis ea fuoeng lebitso la Maria le (2) Tammuz ea reuoeng Jesu e ile ea kenyoa kahara kereke ka mokhoa oa lits’oants’o tse khumameloang.

Ketsahalo ena e ile ea susumetsa hore le meketjana ea eona melingoana ena e tsoelepele ho ketekeloa. Ke tla nka mehlala e fokolang fela tabeng ena:

  1. Keresemese

“…re tlile ho la 25 Ts’itoe eleng letsatsi leo re ketekang letsatsi la tlhaho la Tammuse (molingoana oa letsatsi)“ Babylon Religion, by David Daniels, p. 67

“Letsatsi la tlhaho la Tammuse le ketekoa ka la 25 Ts’itoe…” Secret of Regeneration, by Hilton Hotema, p.131

Kaha Tammuse one ase a fuoe lebitso la Jesu, ba ile ba tsoelapele ho tlotla letsatsi la hae la tsoalo ka tlasa thetso ea hore Jesu ke eena ea hlahileng ka la 25 Ts’itoe!

Le kajeno ha hona Mokreste ea balang Bibele hantle ea ka emang a tiisa taba ea hore Jesu Kreste o hlahile ka la 25 Ts’itoe. Keresemese ke moketjana oa Bahetene o apisitsoeng seaparo sa Bokreste.

Bibele ha esa le ele khahlanong le borapeli ba Tammuse

Ezekiele 8:13, 14 “A eketsa a re ho ’na: U sa tla bona manyala a mang a maholo a etsoang ke bona. A ntoo nkisa monyako oa ntlo ea Jehova o lebileng ’nǵa leboea, ’me ka bona basali ba lutse teng, ba llela Tammuse.”

9. SETHO SA BOTONA SA MONNA – ‘MUSONG OA ROMA

Re ntse re tsoelapele ho fatisisa metso ea bohetene e bonahalang e nametse kahara borapeli ba Bokreste. Thutong e fetileng ke buile ka Keresemese, ‘me kajeno ke ratile ho hlahisa ntlha e ngoe e bohlokoa haholo pele ke boela ke fana ka mabitso a meketjana emeng e kentsoeng kahara Bokreste.

Khubu ea borapeli ba bohetene ke “bokhumameli ba letsatsi” Bala Ezekiele 8:16. Molingoana o moholo ka ho fitisisa ke Baale, ‘me Baale hantle ke monna ea neng a bitsoa Nimrod eo mosali oa hae eneng ele Semiramis, ‘me ngoana oa bona ele Tammuse. Re se re kile ra bua ka borapeli ba ‘m’a le lesea.

NTLHA TSA BOHLOKOA

  1. Sets’oants’o sa poulelo eleng OBELISK se neng se hlongoa litempeleng tsa bahetene se ne se emetse setho sa botona sa Baale kapa Nimrod
  2. Kaha letsatsi le fana ka bophelo ho limela le batho, ‘me le botona ba monna ba fitisetsa peo ho mosali hore ngoana a tle abe teng, ho bonahala ntho tse peli tsena (1) Letsatsi le (2) Botona ba monna li ne li emetse lets’oao la bophelo borapeling ba bohete.

“Batho ba khale ka lebaka la ho latola tsebo ea ‘Mopi oa sebele, eitse ha ba bona hore letsatsi le fana ka bophelo ho limela le motho, ba ile ba nka letsatsi ele molingoana oa bona…Ho bona sets’oants’o sa poulelo (obelisk) sene sena le bohlokoa bo boholo. Ha ba elelloa hore papaling ea kalaneng ho hlaha bophelo, ‘me setho sa botona sa monna ke sona se bapalang karolo e kholo, ba ile ba etsa qeto ea hore botona ba monna hammoho le letsatsi ke lets’oao la bophelo.” Babylon Mystery Religion by Ralph Woodrow, 39

Metsoalle re lokela ho utloisisa hore meketjana ea bahetene kaofela ha eona e kopantse borapeli ba letsatsi le  bohlola, ‘me ke seo re tlo ithuta sona nakong e tlang ha re bua ka moketjana oa bobeli o kentsoeng kahara Bokreste!

BULA MAHLO A HAU

Ke likereke tse kae tseo u li tsebang tse nang le motsollope oo oa sets’oants’o ke bolela lets’oao la botona ba Nimrod? Bala Ezekiele 8:3-5

10. IKHETHELE NYATSI EA HAU – ‘MUSONG OA ROMA

Karolo ea Pele

Ho Baroma, khoeli ea Hlakola (February) e ne e khethetsoe Juno Februata, molingoana oa lerato, oa basali le manyalo. Ka la 14 Hlakola (February 14), baroetsana ba ne ba nka lipampits’ana tseo ba ngollang mabitso a bona ho tsona, ‘me ba li behe kahara khitsi.

Ke moo bahlankana ka bo mong ba foluoang ka khitsing, pampints’ana e khethiloeng, moroetsana eno eo lebitso la hae la hlahang ho eona eba oa mohlankana eno selemo ho pota. Ba kopanngoa hammoho ele baratani – ke moo ho inyakalatsoang ka papali ea kalaneng, ‘me eba monyaka ho bohlankana le baroetsana ba Roma. Ho bonahala manyalo a mang ane a thehoa ho tloha moketjaneng ona.

Ka la 15 khoeling e ts’oanang ho ne ho boetsoe ho ketekoa Lupercalia e neng e tsebahala ka hore ke moketjana oa Bolokolohile ba Thobalano ele ho tlotla Lupercus, molingoana oa tsoalo (fertility) le mosireletsi oa mohlape le lijalo e bile ele setsomi sa senatla sa liphokojoe.

Holima mekatjana ena e ‘meli eleng oa Juno Februata le oa Lupercus ke moo ho theuoeng letsatsi leo kajeno ho thoeng ke la Baratani – Valentine’s day.

Latela karolo ea bobeli ea thuto ena moo re tlo shebisisa hore na letsatsi la Valentine le thomehileng joang ho tloha mekatjane eo.

Mehloli ea libuka tsa nalane:

  1. The Woman’s Encyclopedia of Myths and Secrets ka Barbara G. Walker (1983)
  2. Encyclopedia Britannica, “Lupercalia”

Deuteronoma 32:7 “Elelloa mehla ea khale, u lemohe lilemo tsa meloko e mengata; botsa ntat’ao, ’me o tla u ruta; botsa maqheku a hao, ’me a tla u bolella.”

11. LETSATSI LA BARATANI – ‘MUSONG OA ROMA

Karolo ea Bobeli

Re se re ithutile ka meketjana e ‘meli eleng oa Juno Februata le oa Lupercus tlasa sehlooho sa leshome boithutong bo fitileng.

Ho latela bohlola le lits’ila tse neng li aparetse meketjana eo ke seng ke buile ka eona, ba neng ba tsoka sephali tsamaisong ea kereke ba ile ba lemoha hore ruri meketjana ena e tlo silafatsa seriti sa kereke haholo. Eaba lemong sa bo 496 AD kereke e fetola tsela ea ho ketekela Juno Februata le Lupercus.

Ka la 14 Hlakola, ho feta hore ho ngoloe mabitso a banana, hoa khoaritsoa mabitso a batho bao kereke e neng ere ke “bahalaleli”, ‘me a akheloa ka khetsing. Nakong ea fuluoa, mohlankana kapa moroetsana ea tlang le lebitso la “mohalaleli” ea itseng one a lokela ho phela bophelo bo neng bo pheloa ke “mohalaleli” eo.

Ketso ena ea susumetsa hore hobe le phetolo ea lebitso la moketjana ona – moetapele oa kereke eaba o rehella letsatsi leo ka “mohalaleli” ea ileng a fenethoa ka 270 AD, eleng Valentine. (Valentine o boetse o na le nalane ea hae eo nkekeng ka e phenyekolla ha joale)

Khabareng, ha lilemo li ntse li roalellana hoa khakoloa taba ea ts’ebeliso ea likarete tsa marato. Likarete tsena li ne li takuoe ka lits’oants’o tsa Cupid le lipelo, ‘me li apesitsoe malente le lipalesa tse khahlehang.

Cupid ene ele lekhabunyane la Venus (molingoana oa Roma oa lerato le botle), ‘me one a tumme ka ho imisa melingoana e mengata ea basali ka lebaka la lits’obotsi tsa hae tse khahlehang. Ke kahoo likarete tsa letsatsi la Valentine li nang le pelo eo hangata e hlajoeng ka lerumo la khauta ele potso ea hore Cupid ona le matla a ho susumetsa basetsana le bahlankana ho oela likamanong tsa marato.

12. EASTER E APESOA LEBITSO LE LECHA – ‘MUSONG OA ROMA

Ho fihlela ha joale re se re buile ka meketjana e ‘meli e leng oa Keresemese le Valentine

Kaha ke sa setse ka lintlha tse ngata haholo ke kopa le ntumelle ho fana ka kakaretso fela ea meketjana e meng:

  1. Lent (tsela ea sefapano): Matsatsi a 40 a boitimo ele ho hlekela Easter – ho tloha khale Babilona haesale hona le matsatsi a 40 a boitimo moo ho lleloang Tammuse. Re ka bua ka barapeli ba Yezidis kapa ba Koordistan.
  • Easter: Thetso e matla ka ho fitisisa e aparetseng lefats’e kajeno ke hore ebe Easter ho thoe ke Paseka! Paseka e hlaha lentsoeng lena “Passover”, ‘me e fapane hole le Easter.

“Easter, Ostara, kapa Ashtarothe ke molingoana oa mosali oa selemo (spring)…hangata o ts’oareloa moketjana ka ‘Mesa…” The Encyclopedia Britannica (1934)

Easter kapa Ashtarothe ke mosali eane ea bitsoang Semiramis oa Babilona ea tsoetseng Tammuse, ‘me bahetene ba boetse ba apesa moketjana oa bona oa Easter lebitso le hlahang ka Bibeleng eleng Paseka

QHOLOTSO

  1. Haeba mohlomong re ne rere Easter ke Paseka, ke hokae Bibeleng moo re fumanang Paseka e hlekeloa ka boitimo ba matsatsi a 40? Hona Tsela ea Sefapano e hlaha hokae Mangolong a Halalelang?
  • Hape hobaneng moketjana oa Easter o ketekeloa ka mahe le moutloanyane?
  • Bakreste ba bangata ba ka re rona ha rena “Lent” e bile ha re sebelise mahe le moutloanyane lits’ebeletsong tsa rona ka Easter, empa potso eaka ke hore na HOBANENG LE KHETHA HO PHUTHEHA KA LETSATSI LA EASTER EBE LE BOETSE LE RE EASTER KE “PASEKA”?

Ho fumana likateng tsa meketjana ena u ka bala buka ena: Two Babylons ka Alexander Hislop

U ka boela ua sheba YouTube Channel ea Tseba Bibele moo ke buang ka, Na Bibele e ts’ehetsa Mokete oa Easter?

LATELA KAROLO E TLANG – MOLIMO AU HLOHONOLOFATSE HAHOLO

Blog: http://www.tsebabibele.wordpress.com | Twitter: @TsebaBibele | Facebook: Tseba Bibele  | Cell: (+266) 5990 0806 | Website: http://www.gladtidings.co.ls

Leave a comment